Phirimana (#6464)

Oho Molimo Oa ka, Monghali Oa me, Sepheo sa takatso ea ka! Enoa mohlanka oa Hau o kopa ho robala qhobosheaneng ea Hau, le ho phomola tlas’a leholimo la khanya ea Hau, matleng le tšireletsong ea Hau.  Kea u rapela, Oho Morena, ka leihlo la Hau le sa robaleng, ho lisa mahlo a ka ho se bone letho haese Uena feela.  A matlafatse joale hore a bone matšoao a Hau, ‘me a  lebelle ho chaba ha Tšenolo ea Hau.  Ke Uena eo ka baka la Tsebo Eohle le matla a Hau Litšenolo tsohle tsa Hau li ileng tsa thothomela.  Ha ho Molimo o mong kantle ho Uena, Ea-Matla Ohle, Mookameli, Oa boemo bo sa fetoheng.

-Bahá'u'lláh
-----------------------

