Khutso (#6470)

Bopa kahare ho ‘na pelo e hloekileng,Oho Molimo Oa ka; ‘me U nchafatse letsoalo le khutsitseng kahare ho ‘na, Uena tšepo E aka! Ka moea oa matla ntsiise Tseleng ea Hau, Oho Moratuoa Ea ratehang, ‘me ka leselila khanya ea Hau U ntšenolele Tsela Ea Hau, Oho Uena Sepheo sa takatso ea ka! Ka tšusumetso ea matla a Hau a fetang tsohle mphahamise U ‘nyollele leholimong la Hau la khalalelo, Oho ‘Mopi Oa ka, ‘me kamoea o pholileng oa bosafeleng ba Hau U nthabise, Oho UenaU leng Molimo Oa ka! Oho Motsoalle Oa ka, etsa hore bosafeleng ba meloli ea Hau bo mpululele khutso le matlotlo a lerato la Hau la mohla monene a ntokolle linthong tsohle haese Uena feela, Oho Monghali Oa ka, ‘me U etse hore liataba tsa Tšenolo ea matla  maholo a Hau a ke keng a silafatsoa li ntlisetse thabo, Oho Uena Ea phatlalalitsoeng hofeta tsohle tse phatlalalitsoeng, le Ea sephering ho feta tsohle tse sephiring!

-Bahá'u'lláh
-----------------------

Khutso (#6471)

Oho Molimo! Oho Molimo! Enoa mohanka oa Hauk e nonyana-ea-serobeha-lepheo, ‘me ho fofa ha hae hoe a fokola—Mo thuse hore a rurele tlhorong ea katleho le polokeho, Mo fufisetse hohle sebakeng se senang meeli a tletse thabo le nyakallo e khaphatsehang. Phahamisa meloli ea hae ka Lebitso la Hau Le Lehlohonolo likarolog tsohle, nyakallatsa litsebe ka  pitso ea hae ‘me U bule mahlo ka ho bona matšoao a tataiso!
Oho Morena! Ke mong, ke inoosi, ‘me ke ea ikokobelitseng. Ha ke na  motšehetsi haese Uena feela, ha ho mothusi ntle ho Uena. Ntiise tšebeletsong ea Hau, nthuse ka makhotla a mangeloi a maholimo,’nehe katleho morerong oa ho nyalanya Lentsoe la Hau, ‘me U ‘nehe hore ke bolele mahlale a Hau har’a libopuoa tsa Hau.
Ka sebele, U Motšireletsi oa mafutsana le oa ba banyenyane, ‘me kasebele U Ea-Matla, E-Moholo le Ea-Lokolohileng.

-`Abdu'l-Bahá
-----------------------

